Читать книгу Mamello - Lebohang Pheko - Страница 4
KGAOLO YA
Оглавление1
Ka nako tse ding batho re ahlolana kapa hona ho etsetsana diqeto ntle le bonnete ba taba. Sena se etsahala bathong bohle ho tloha ho e monyane ho isa ho e moholo. Kahlolo ke ntho e tlwaelehileng eo ho phedisanwang ka yona merabeng yohle, le bobe ba yona ha re sa bo bona kapa hona ho bo natsa. Empa e nkutlwisang bohloko ka ho fetisisa ke ena eo rona re le batho ba baholo re e etsang baneng. Re ahlola bana ka nako tsohle re sa leke le ho leka hore re ithute bona kapa re utlwisise seo ba re hlalosetsang sona.
Mahlong a rona bana ha se letho, ebile se seng le se seng seo ba se buang ho rona re nka se se na molemo wa letho e leng taba e fosahetseng. Bana ke letlotlo ebile ke bokamoso ba rona le bona bophelo ba rona re le batswadi.
Ngwana e mong le e mong ha a bua o tseba seo a se buang etswe le lona lesea ha le etsa modumo le a tseba hore na modumo oo o bolelang ho lona.
A re ke re tloheleng hore bana ha ba tsebe letho hobane nnete ha e buuwa, bana bao ba na le tsebo e batsi ho feta rona re le batswadi. Rona re itsebela feela tseo re hotseng ka tsona e leng tsa kgolo ya rona.
Kajeno lena bana ke lesedi la rona hobane bophelo bo fetohile mme maemo a tsejwa ke bona, le thekenoloji e tsejwa ke bona ho feta ka moo rona re ka nahanang hore re e tseba ka teng. Ha o nyenyefatsa se etswang ke ngwana kapa o se nyatsa, eba motho eo wa Modimo yena o ne a leka ho etsa se lokileng, o mo hlekefetsa maikutlong haholo ebile o etsa hore a ipone e se letho. Batho ba baholo re hlekefetsa bana ka tsela tse ngata tseo bang ba rona ba di bonang, ha ba bang ba sa di elellwe. Puo kapa ketso e ka hlekefetsa bana maikutlong, ha ka nako tse ding re ba hlekefetsa mebeleng ya bona.
Bana, mmuso ona wa rona wa Aforikaborwa o le ratile haholo ebile o bone ho le molemo hore o le sireletse ditlhekefetsong tsena tsohle tse ngata. Empa bothata bo be bo qala batswading ka hore ha feela o ntse o le ngwana, ha o na ho ba le ditokelo ka tlong ya hae. Empa ha o le ngwana ya lokileng mme o tseba molao, o tla tseba hore o lokela ho sebedisa ditokelo tsa hao hokae. Ha o di sebedise sekolong ha e le wena ya phoso, kapa ka tlong ha o balehela kgalemelo ya batswadi. Empa o tlameha ho jara boikarabelo ba diketso tsa hao. Le hopole hle bomphato hore ke lona matitjhere le babusisi ba ka moso ba naha ena ya rona mme re tshepetse ho lona.
Sena ke se bua tjena ke utlwile bohloko haholo ka bana ba rona ba hlokang tlhokomelo le lerato batswading ba bona. Ha ke sebetse, ke dula ke ituletse ka ntle mehla le matsatsi hoseng ha ke qetile ho hleka ka tlong. Ke dula pela lelapa le bonahalang le iphelela ha monate e le ntate, mme le ngwana. Ke dula ke shebile lelapa lena le letle feela ka ntle mahlong a batho, empa ka hare ke dihlong feela. Ntate wa teng o sebetsa difemeng tsa ditshepe, ha mme yena a sebetsa dikitjhineng. Ba fihla lapeng ha nako e le bohora ya botshelela thapama.
Moradinyana wa bona Mamello yena o tla sala hae ebe o etsa mosebetsi wa ka lapeng. Mamello o na le dilemo tse leshome mme ha a tsebe hore na thuto ke eng hobane habo ba mo tima monyetla oo wa thuto. Ha a lokela le ho tsamaya a re o etela metswalle kapa yona e mo etele hobane ha a ka etsa seo, ha a le bona nthwana batho. O tla shatjwa hore a be a lakatse eka lefatshe le ka petsoha mme yena a kena. Tjhelete ha se yona lebaka la ho se kene sekolo hoo hae hobane batswadi ka bobedi ba a sebetsa mme ba fumana meputso e metle. Mamello le yena o amohela tjhelete ya mmuso ya thuso ya kgodiso ya bana, ebile le dikolo ha di sa lefellwa hore ngwana a ka ithuta, ke mahala. Lebaka la hore a se ke a iswa sekolong ke hore feela ha mmae a kgutla mosebetsing o fihla a kgathetse. Jwale molemo ke hore Mamello yena a sale hae a ntse a etsa mosebetsi wa lelapa.
O ne a tseba mosebetsi o mong le o mong ntle le pitsa feela hobane ntatae o re a ka tjha ha a ka leka ho pheha.
Habo Mamello e ne e se hole ha kaalo le sekolo sa dihlopha tse tlase. Batswadi ba hae ba ne ba ya mosebetsing ka hora ya botshelela hoseng, ebe ba re a sale a ikwalle hore ho se be le motho ya kenang ka tlong, e be o tla tsoha a kwale Mamello.
E ne e le ngwana ya mosa, ya lerato ebile a na le hlompho mothoa e mong le e mong. O ne a ka dula a hlatseng dijana e be ka hora ya bosupa ha a utlwa lerata la bana ba qoqang ba ya sekolong, a hlahe fensetereng a ilo hlodisa. E re ha ba se ba felletse, e be o ya ka phaposing ya hae ho ya lla a itjhebile seiponeng.
Mamello o ne a ipotsa hore na e be bothata bo hokae ba hore a se ke a dumellwa ke batswadi ba hae ho ya sekolong jwalo ka bana ba bang, o ne a ipotsa hore na phoso e ho yena kelellong kapa mmeleng na? Ha bana ba hoeleditse sekolong ba rutwa o ne a ba etsisa ka seo ba se buang ka nako tsohle, e be nna ke mo mametse ha a ntse a ba etsisa jwalo. Pelo ya ka e be e rotha madi ka nako eo, empa ho ne ho se letho leo nka le etsang. O ne a tla dula a le mong ka ntlong eo ya habo e be o hoeleditse letsheare lena kaofela a ntse a etsa seo bana ba se etsang sekolong. Seo se ne se mo etsa hore a ikutlwe eka o ka phaposing ya ho rutelwa.
Thapama ha batswadi ba fihla, o ne a thaba haholo hobane ho hlora ho ne ho ba siyo e be o tla botsa mmae pele hore ho ne ho le jwang mosebetsing, ka morao a botse ntatae.
Ba ne ba mo araba empa dikarabo tsa bona di ne di sa kgotsofatse hobane di ne di fihla di otla ha bohloko pelong ya Mamello.
“Mohlang o hodileng, o na le lelapa, o sebetsa, o tla tseba hore na ho jwang mosebetsing.”
Eo e ne e ba karabo ya mme, ha ya ntate yona e le.
“O ngwana, ha o no utlwisisa mosebetsi kajeno, tsamaya o ntlele dieta tse ding ke tlo rwala”.
O ne a tseba hantle Mamello hore na mosebetsi o jwang empa bona ba sa elellwe seo. Ha ke ne ke sa tsebe ke ne ke tla nahana hore Mamello ha se ngwana wa bona kapa ha ba ka ba tloha ba mo ratile a sa tswalwa. Mmae o ne a ka pheha ebe o tsholela lelapa la hae, e be ha ba qeta ho ja, Mamello o tswella pele ka ho hlatswa dijana a nto ya hlapa a itokisetsa ho robala. Ha a ilo robala, o siya batswadi ba hae ba dutse ba shebelletse ditaba.
Ka le leng la matsatsi pele a robala, o ile a kopa mmae le ntatae hore na le seo a tlo ba etsetsa sona, mme ba dumela. O ile a etsa dithothokiso tsane tseo a neng a di mametse ebile a di etsa mmoho le bana ba sekolo, seo se ile sa halefisa batswadi ba hae ha bohloko. Ho fapana le hore ba thabele ho utlwa ngwana wa bona ho na le seo a se tsebang le ha a ntse a dutse hae, bona ke ha ba mo halefela.
Sello sa Mamello ke ile ka se utlwa ke le ka tlong ya ka hore jwale eo ngwana o a bolawa. O ne a tsekiswa feela hore na o bona seo batswadi ba hae ba se etsang e le phoso na? Bona ha ba mo ise sekolong empa o se a tseba haholo. Ba ne ba nahana hore ka mohlomong Mamello o tswa ka tlong ho nanarela sekolong. O ile a leka ho ba hlalosetsa hore tseo ba di nahanneng kaofela ha se tsona, mme a re o ba bolella nnete ya taba, empa kae? Motswadi ke motswadi, ha a qetile le maikutlo ha ho letho leo o ka mo jwetsang lona. O ile a shapuwa hore ke be ke tswele ka ntle bosiung boo, ke batle ho ya moo ke lo thiba. Empa heke ya moo e ne e notlelwa, hape ntate wa teng o ne a le kgopo bo tshabehang. Yaba ke sitwa ho ka ilo namolela Mamello.
E ne etlare ha ba mo shapile, mme o ne a sa ye mosebetsing ka nako ya mehla hore a sale a mo oka metsotswananyana feela. Mmae o ile a tsamaya ka hora ya borobedi tsatsing leo. Hang ha a qeta ho palama koloi e mo isang mosebetsing, ke ile ka ya mme ka kokota hore Mamello a mpulele.
“Koko! Mamello, Mamello wee! Ke nna bula!”
O ile a botsa hore ke nna mang empa ka mora hore a utlwe lentswe la ka hape yaba o a bula. Eitse ha a bula monyako, seo ke ileng ka se bona ha ke a tloha ke se ratile ho hang.
Ngwana o ne a le metopa ya lebanta hohle mmeleng le sefahlehong. Mme le mose oo a neng a o apere o ne o na le madi a ntseng a qhitsa ho tswa ho e meng ya metopa e neng e le ka mokokotlong.
“Ke etse jwang? Ke bitse mapolesa hore ba tlo bona see? Kapa ke ise ngwana eo lefapheng la bana?”
E ile ya eba potso tseo ke ipotsang tsona tseo. Empa hee, ke ne ke tseba seo ke neng ke lokela ho se etsa. Ke ne ke lokela ho tshela metsi a futhumetseng le letswai mme ke todise ngwana eo, ke thobe mmele oo o bohloko, ke mo etsetse lesheleshele mme ke mo kope hore a robale hanyane ke hleke ntlo eo yabo. Ke ne ke tseba hore mmae o ne a ka nna a fihla ka pele lapeng, ka hoo ke ile ka etsa dintho tsohle ka potlako.
Ka hora ya pele ke ha ke tsosa Mamello ke se ke tsamaya ke ya ka ha ka. Ke ile ka nka setulo mme ka dula ka ntle jwalo ka ka mehla. Ka mora nakwana ke dutse, ke ha a feta mme wa Mamello a bile a nkile meriana eo ka yona a neng a ilo oka Mamello. Ha ba ka be ba ntumedise batho ba lapa leo, empa tsatsing leo o ile a ntumedisa. Ho nna e ne e le mohlolo o moholo, empa ke ile ka dumela. Ha ho ne ho ka fihla motho ya tswang hole a tlo dula pela moo re dulang o ne a ka hlapanya hore moo lapeng leo ngwana ha a yo. Ha a boela ka tlong ha hae, o fumane ntlo e hlwekile mme le Mamello a hlwekile. O ile a mo etsetsa lerata a mmotsa hore na ke mang ya itseng a hlwekise empa a ipone hore maemo a hae a jwang? Mamello o ile a itshirelletsa hlo ho le sefahleho ka matsoho a lla ebile a kopa tshwarelo. Masisapelo ruri. Lesea la Modimo le ne le sotlwa ka hohle le ha a se a babelwa.
Matsatsi a ile a feta mme ka bona hore seo sona ha se a loka, le nna ke le tjena nka se kgone ho se emela. Ka letsatsi le leng itse ha ba tswa ba theohela batswadi ba Mamello, le nna ke ile ka tswa ka theohela mosebetsing wa ka. Ke ile ka ya shopong ka tjheletenyana eo ntate a mphang yona ka tlong, mme ka ilo reka dibuka tsa dipale tsa bana ba ithutang ho bala le tse ngollang mmoho le dipene. Tse ding tsa di buka ke tse nang le ditshwantsho feela mme di hloka ho takwa ka mebala. Batho ba ne ba maketse haholo ha ba bona ke reka dintho tsa bana empa ke se na bana. Empa ka ha ba ne ba sa tsebe hore ke di reketse eng, ke ile ka ba tlohela ba maketse jwalo. Hape seo ke neng ke se etsa e ne e le lekunutu la ka ke le mong leo ke neng ke sa le bolella le ntate ka tlong.
Ha ke kgutla dishopong tsatsing leo, ha nka ka ba ka dula ka ntle jwalo ka tlwaelo. Ke ile ka dula ka tlung ka ba ka qeta matsatsinyana ke ntse ke shebisisa dibuka tsena hantle hore na di sebetsa jwang. Ka mora hore ke lemohe hore dibuka di sebetsa jwang, ke ile ka tsoha hoseng ka matjeke ka fiela lebala ke ntse ke bina. Ha ntate wa lapeng a mpotsa hore na ebe ke thabetse eng ha ke a ka ka mo araba, empa ke ile ka itshehela.
Ka hora ya botshelela ha batswadi ba Mamello ba tsamaya, ke ile ka ba sheba hore na ba se ba palame na; ho tloha moo ka ya ka tlong ka ilo hlapa. Yaba ke ya ha boMamello ka mo kopa hore a mpulele monyako ke kene. O ile a bula mme ka mmotsa hore a ka rata ha nka ba mosuwe wa hae na? O ile a dumela ka pele mme a re, “Joo! Nka thaba haholo feela, e be o ka qala neng ho nthuta?” Ke ha ke re ho yena re ka qala nako e nngwe le e nngwe ha feela a ka sala melao ya ka morao. Seo ha ya ka ka ya eba bothata ho Mamello hohang. O ile a thaba haholo le ha feela a ne a bonahala a na le ngongorehonyana e itseng. Bothata e ne e le hore na taba ena ya rona re e qala jwang moo teng re ka etsang hore batswadi ba hae ba se ke ba tseba ka yona. Ke ile ka etsa selekane le yena hore sena seo re se etsang, ha ho na le ka mohla o le mong batswadi ba hae ba tlang ho tseba ka sona. Tiisetso ena ya ka e ile ya mo kgothatsa haholo mme a hlatswa le pelonyana ya hae.
Re ile ra tlameha ke ho loha leano la hore taba ena e sebetse ho se pelaelo le ha e le nngwe ho batswadi ba Mamello. Tumellano ebile ya hore ke tla tsoha ka matjeke ebe ke a sebetsa, le yena Mamello hang feela ha batswadi ba hae ba qeta ho tsamaya a be a se a ntse a qala ka mosebetsi. E be o a hlapa, ha a qeta a tle ho nna, ha ka, re qalelle ka taba tsa rona. Re ile ra dumellana ka tseo kaofela mme nna ka tsamaya ka ya lapeng ho etsetsa hore ha mme wa Mamello a ka fihla a se ke a mphumana moo ha hae hobane o ne a ka halefela Mamello haholo ebe Mamello o shapuwa ka baka la ka. Taba eo ke ne ke sa tlo kgona ho e emela, ke motho e moholo haholo ho Mamello mme ke lokela hore le diketso tsa ka di tshwanele dilemo tsa ka. Ke ne nke ke ka kenya ngwana tsietsing e kaalo e be ha ho se ho le hobe ho yena, nna ke dutse ha monate ka tlong ya ka.
Hang ha ke fihla lapeng, ke ile ka fumana ntate wa lapa la ka a se a le teng. O ile a halefa haholo ha a bona hore ke tswa ka lapeng la ha boMamello hobane le baahisani bohle ba neng ba le haufi le rona ba ne ba se ba tseba ka bohlaswa bo ka lelapeng la boMamello, le ha feela le ne le bonahala le le letle ka ntle. O ile a mpotsa hore na ke ne ke behwa keng moo lapeng leo, ha ke a ka ka tseba ho mo fa karabo e nepahetseng, empa ke ile ka mo jwetsa hore seo ke neng ke ilo se etsa ke ho kgutlisetsa kgotso pelong ya leseanyana leo la Modimo. Ka ha o ne a tseba hore le nna ke ne ke rata bana le ha ke sa kgone ho ba fumana, le hore ke tla etsa se seng le se seng ho ka pholosa moya wa ngwana eo ekang o hlorile, o ile a leka ho utlwisisa a ba a re ho nna, “Ke a tseba ha o na ho ka etsa ntho feela o se na lebaka le utlwahalang, mme seo o se etsang ke tla o tshehetsa ho sona.”
Mantswe ao a ile a nkgothatsa haholo mme ka tlala morolo o moholo. Ke ile ka tseba hang hore dintho tsohle di tla tswella ha feela ke fumane tshehetso etswang ka lapeng la ka.